Bukana ya Mosebetsi
Melawana ya Boitshwaro ya Tshebeletso ya Baadimi ba tjhelete bankeng
Re kgothalla ho etsa mosebetsi o ka tsotehang lefatsheng lohle?
Hobaneng re kgothaletsa tlwaelo ena ya tshebeletso ya kgwebo e kgahlehang?
Ha re bua ka ho kgotsofala re bolela boemo boo motho a bo fihlellang bo tswalang tlhahiso e phahameng ha e bapiswa le kamoo motho a ka lebellang ka teng.
Ho hlahisa tshebetso e ka tsotehang ka lefatshe lohle.
Ho ntshetsa pele boemo ba tlhahiso tshebeletsong ya baadimi ba tjhelete ba rona ka ho fetola tjhadimo ya batho ba rona e neng e tsepame haholo ho dikamano empa jwale re tadima moadimi wa tjhelete haholo - mme ka ho etsa jwalo re leka ho fihlella le ka ho fetisisa tseo baadimi ba tjhelete ba di lebellang ho Banka ekasitana le mosebetsi wa banka.
Tshepiso
Re leka ka hohle ho o sebeletsa ka makgethe ka nako tsohle hobane re a tseba hore o lebeletse mosebetsi o tsotehang Bankeng ena ya Naha. Ha eba kajeno o kgotsofaletse tshebeletso eo o e etseditsweng, re o kopa hore o tsebise motswalle wa hao. Ha eba ho se jwalo, re o kopa ho tsebisa Mookamedi wa Lekala la heno la Banka. Ha eba o sa etse jwalo, o ka ikopanya le lefapha la tshebeletso ya baadimi ba tjhelete mona ho: 0800 00 52 59.
Ho se ho le bohlokwa haholo ho rona ho leka ho shebana le ho baballa baadimi ba tjhelete ba rona. Mokgwa oo Banka ya Naha e ka o sebedisang ho baballa baadimi ba tjhelete ba yona ke wa ho etsa mosebetsi o motle o kgotsofatsang ditlhoko tsa baadimi ba tjhelete.
Ka nako e fetileng Banka ya Naha e ne e sebetsa ka tsela e ikgethileng mme ho ne ho se na boiteko bo ikgethileng ba ho thabisa baadimi ba tjhelete ba yona. Kajeno Banka ya Naha e hlodisana le dibanka tsa kgwebo ho ikgapela baadimi ba tjhelete. Baadimi bana ba tjhelete ba lebane le kgetho e batsi ya dihlahiswa le mesebetsi ya banka. Baadimi ba tjhelete ba kajeno ba se ba rutehile mme ba hlokolotsi haholo.
Thahasello ya bona ya ho etsetswa mosebetsi o tsotehang e ekeditswe ke tlhahiso e phahameng esita mesebetsi e etswang. Ha eba Banka ya Naha e ntse e batla ho baballa baadimi ba yona ba tjhelete esita le boemo ba yona sedikadikweng sa mesebetsi ya ditjhelete, ho hlokeha mohopolo o motjha wa kgwebo. Lebaka ke hore ke feela dikhamphani tse eteletsang moadimi wa tjhelete pele tse tla atleha mme e be dikhamphani tse ka bang le tlhahiso e babatsehang ho baadimi ba tjhelete ba tsona. Ha se feela mosebetsi wa mafapha a papatso le thekiso ho baballa baadimi ba tjhelete. Lefapha la Dipapatso le ka fumana katleho feela dikhamphaning tseo mafapha a tsona le basbeletsi ba tsona ba ipopileng ngatana-nngwe ho theha le hona ho sebedisa mokgwa wa tshebetso o bontshang phehisano le katleho.
Se sa lekanngwang se ke ke sa laolwa. E le hore re kgone ho putsa basebeletsi ba rona ka ho sebetsa ho latela mekga e fapaneng ya motheo, re lokela ho ba le hona ho lekanya mosebetsi le boleng ba ona.
Re rata ho mema basebetsi bohle ba be le seabo ho Sengolwa sena sa Tshebeletso ya Banka ya naha. Seabo sa lona bakeng sa Melawana ena ya Boitshwaro se molemo haholo malebana le katleho ya Banka ya Naha.
Mosebetsi o tsotehang ke eng?
Hona ho bolela hore ke ho itela ho tswa lekoteng e le ho thusa hore mathata a baadimi ba tjhelete a rarollwe. Hona ho bile ho ama ho sebetsa ho feta moedi wa tshebetso. Hona ho bolela ho sebetsa mosebetsi o tlatseletsang o neng o sa ballwe lenaneong la tshebetso ya hao. Mesebetsi ena ya tlatsetso e ka nna ya se ke ya phethwa ke batho ba bang. Hona ho laolwa feela ke THAHASELLO. Ho ba le lerato, boikgothatso, thahasello esita le matla. Ho bolela hore kamehla o sebetse ka hohlehohle kamoo o ka kgonang. Ho bolela ho rata mosebetsi wa hao le ho ba motlotlo ka seo o se etsang. Hona ho bolela ho ba makoko bakeng sa ho sebeletsa Banka ya Naha. Hona ho bolela ho ba motlotlo malebana le ho sebeletsa Banka ya Naha.
Sengolwa sa Mosebetsi wa Banka ya Naha ke eng?
Sengolwa sena sa mosebetsi se hlahisa mokgwa le mabaka malebana le ho phetha mosebetsi o babatsehang bakeng sa tshebeletso ya baadimi ba tjhelete. Ha o latela tataiso ena o tla ba le hona ho fumana thabo le monyaka bakeng sa basebeletsi ba hao esita le bona baadimi ba tjhelete ka tsela e tshwanang.
Sengolwa sena sa mosebetsi ke bukana ya hao ya tataiso bakeng sa ho phetha mosebetsi malebana le baadimi ba tjhelete ka ho totobala. O mong wa mekgwa e totobatsang sepheo sa Banka ya Naha ke ho kgothaletsa le ho matlafatsa Maemo a lokileng a Bophelo bakeng sa baadimi ba yona ba tjhelete bohle.Wena jwalo ka leqosa kapa moemedi wa banka sebakeng seo o leng ho sona, o na le monyetla wa ho ba karolo ya diphetoho tsa seo batho ba tla bang sona. O karolo e phethahatsang seo batho ba ka se kgonang ka ho ba abela ditjhelete tse tshanelang tse bonalang bakeng sa ho phethahatsa ditoro tsa bona!
Sepheo sa rona ha se feela ho kgothaletsa tswelopele bakeng sa kgotsfatso ya ditlhoko tsa baadimi ba rona ba tjhelete tse bonahalang ka ntle empa hape ke ho kgothaletsa tswelopele bakeng sa ditlhoko tsa baadimi ba rona ba tjhelete tse ka hare. Tataiso ena e tla o thusa ho ba motho ya tsotellang baadimi ba tjhelete esita le hona ho tsotella mosebetsi.
Re rata ho kgothaletsa basebeletsi bohle ba Banka ya Naha dintlha tsena tse hlahlamanang tse ngotsweng mona ka tlase. Ha re tshehetsaneng mme re kgothatsaneng ka mehla eseng feela ho sebetsa hantle ka moo re ka kgonang ka teng empa ho kgothaletsa thahasello ya ho tadima bophelo le mosebetsi ka tsela e lokileng!
Maemo a basebetsi ka tatelano ya ona mosebetsing
DIKAMANO TSA BASEBETSI: KA HO TADIMANA / KA TSELA YA PUISANO
Amohela baadimi bohle ba tjhelete ka potlako ka ho ba tadima mahlong le ka ho bososela. Ha eba o ke ke wa thusa baadimi ba tjhelete ka potlako, ba tsebise hore o tla ba thusa ka mora nako e kgutshwanyane.
Dumedisa baadimi bohle ba tjhelete ba emetseng ho thuswa le ha o sa ba thuse ka nako eo. Ba botse hore na ba se ba thusitswe kapa tjhe le hore na o ka ba thusa na. Ha o se o thusa moadimi wa tjhelete, bososela, mo dumedise ka ho re ?dumelang?, kopa tshwarelo ha e le moo ba ile ba ema nako e telele mme ha eba ho tshwaneleha o ka ipolela lebitso. Ha re etsa mohlala: ?Dumelang, Ke mohau haholo ha le ilem la ema nako e telele. Nna ke Dineo (kapa mofumahadi Mohatlane), nka le thusa ka eng kajeno? Bonahala o phuthulohile mmeleng mme o phahamise lentswe hantle feela.
Botsa lebitso la moadimi wa tjhelete mme o nne o le bitse kgafetsa puisanong ya lona. Hlokomela hore qapodiso ya mantswe ke e nepahetseng.
Bopa setswalle se itseng le moadimi wa tjhelete ka ho buisana le yena ka ho qoqa ka bokgutshwanyane ha eba ho hlokeha jwalo. (?Letsatsi le tjhebile hamonate ka ntle ka mona, na ebe ha ho jwalo??)
Eba le thabo, o se kgetholle, o be le lerato mme o be le kamohelo e ntle ho baadimi ba tjhelete.
Bonahala o le motho wa maemo a shebahalang a seprofeshenale mme ya nang le kamohelo e tletseng lerato ka nako tsohle.
O se ke wa dumella batho ba bang ho utlwa dipuisao tsa sephiri, e le ka founu kapa pakeng tsa basebeletsi ka bobona. Sebedisa kelello ya hao ka moo o bonang ditaba ka teng. O se ke wa araba mohala wa hao wa thekeng pele o kopa moadimi wa tjhelete mme o be o kope tshwarelo ha o se o qetile ho bua ka founu.
Fana ka lebaka ho moadimi wa tjhelete ha eba o lokela ho tloha tafoleng ya hao.
Mamela ka hloko mme o etse bonnete ba hore o botsa dipotso tse tshwanelehang bakeng sa ho fumana dintlha tsohle tse phethahetseng. Etsa bonnete ba hore o fela o utlwisisa le ha ho ka tshwanela hore o fumane mofetoledi kapa mohlalosi hore a thuse. Etsa bonnete ba hore o utlwisisa taba eo ba e hlahisang pele o ka qala ho e rarolla.
Thusa baadimi ba tjhelete bohle ka tlhompho mme o se tadime baadimi ba tjhelete ho ya ka tjhebahalo ya bona. Thusa baadimi ba tjhelete bohle jwalo ka baadimi ba ka nnang ya eba baadimi ba Kgauta.
Iphe nako ho hlalosetsa moadimi wa tjhelete hobaneng ha kadimo ya hae ya tjhelete e sa amohelwa.
Ha eba moadimi wa tjhelete a sa tshwanele ho fumana kadimo ya Koporo, Siliferakapa Kgauta, o ka fetisetsa moadimi eo wa tjhelete mokgahlelong o ka tlasenyana (Koporo ho ya Boemong ba phahaphahameng). Iphe nako e lekaneng ho thusa moadimi wa tjhelete wa boemo ba tlhahiso ya bohlokwa ka ho fetisisa esita le bona boemo bo tla tshwanela ditlhoko tsa hae hantle.
Boipelaetso bohle bo lokela ho rarollwa ke Molaodi wa Lekala.
O se ke wa beha molato ho karolo e nngwe ya Banka kapa ho Ofisi ya Bolaodi e phahameng. O lokela ho arabela bothata boo mme o eme lehlakoreng la moadimi wa tjhelete ha eba ho hlokeha jwalo.
Kgothaletsa baadimi ba tjhelete ho tlatsa foromo ya dipotso tsa dipatlisiso mme ba e lahlele Lebokoseng la Ditlhahiso hona moo lekaleng.
O se ke wa kgathatsa motho ya sebetsang le wena ha a ntse a thusa moadimi wa tjhelete.
qob a ho etsa mosebetsi o sa amaneng le baadimi ba tjhelete ka lebaka la baadimi ba tjhelete ba emeng moleng.
Qetella dipuisano tsa haho le moadimi wa tjhelete ka ho mo leboha mme o mmitsa ka lebitso le ka ho hlahisa sengolwa se ngotsweng hore: ?Eba le letsatsi le monate?.
DIKAMANO TSA BAADIMI BA TJHELETE: KA HO SEBEDISA FOUNU
Tsebiso tsa taolo ya mehala hore o hloleha ho amohela mehala e kenang.
O se ke wa tlohela founu e kwetswe kapa e lla ho se ya arabelang.
Kopa tshwarelo ho moadimi wa tjhelete ha a ile a tshwara mohala nako e telele ha founu e ile ya lla nako e telele ka phoso.
Bososela ha o araba mohala.
Dumedisa ka tsela ena:
Taolong ya mehala
Banka ya Naha ?Lekala? Dumela. Na nka o thusa? Ho ka sebediswa dipuo tse fapaneng tsa Maafrika ha eba ho hlokeha jwalo.
Wena
Dumela, Ipolele lebitso, Nka o thusa ka eng. Ho ka sebediswa dipuo tse fapaneng ha eba ho hlokeha jwalo.
O ka botsa baadimi ba tjhelete ?Ke bua le ...? E le hore o tle o tsebe mabitso a bona hantle.
Botsa lebitso la moadimi wa tjhelete mme o be o nne o le sebedise kgafetsa puisanong ya lona. Hlokomela hore qapodiso e nepahetse.
O se ke wa emisa motho ya o letseditseng mohala nako e telele O mphe ba botse hore na o ka ba letsetsa hape kapa mohlomong o ka nka molaetsa.
Etsa bonnete ba hore o ngotse dintlha tsohle tsa molaetsa ka nepo.
Fetisa melaetsa nakong ya metsotso e mashome a mararo ka mora hoba o e fumane (melaetsa ena e akaretsa molaetsa o ngotsweng o beilweng tafoleng ya motho ya itseng).
DIPATLISISO TSA BAADIMI BA TJHELETE MALEBANA LE DIAKHAONTE TSA BONA / DITLETLEBO
Etsa ditshepiso tse ka phethahalang ha eba o hloleha ho rarolla bothata ka potlako. Sebedisa boitsebelo ba hao ba tshebetso ena bakeng sa ho fana ka matsatsi a ho kwala. Ha eba maemo a hlobaetsa, o lokela ho lebisa taba ho Molaodi wa Lekala.
O lokela ho ba le boikarabelo bakeng sa ditletlebo tsohle ho fihlela di ba di rarollwa. O se ke wa romella mmoloki wa tjhelete lekaleng lefe kapa lefe ha e se feela ha ho hlokeha jwalo.
Tsebisa baadimi ba tjhelete ka nako le nako malebana le boemo boo tletlebo e leng ho bona.
O se ke wa romella moadimi wa tjhelete ofising ya Molaodi ya phahameng. Ka nako le nako ba romele ho Setsha sa Tlhokomelo ya Baadimi ba tjhelete nomorong ena ya mohala: 0800 00 52 59.
Ha o se o qetile ka thuso eo ya ho rarolla bothata, o ka botsa: ?Na ho sa na le ho hong hoo nka le thusang ka hona kajeno?
Kopa tshwarelo ha eba kopo ya hae e ke ke ya phethwa mme ka mehla o ba thuse hore ba ka fumana thuso hokae. Mohlala, Boemong bo hodingwana (mokgahlelo o ke keng wa ba le bothata).
DITLETLEBO TSA BAADIMI BA TJHELETE LE LEBOKOSE LA DITLHAHISO
Ntsha mangolo a ka lebokoseng la ditlhahiso veke le veke.
Molaodi wa Lekala o lokela ho hlokomela dintlha pele a romella manane a dipotso tsa dipatlisiso Ofising ya Bolaodi ho a hlahlojwa.
BOLAODI BA MOSEBETSI WA LEKALA
O lokela hore ebe o se o lokile bakeng sa kgwebo hang ha ho bulwa.
O se ke wa potlakisa baadimi ba tjhelete ka nako eo ho kwalwang ka yona mme le basebeletsi le bona ba lokela ho kgothalla ho sebetsa ho thusa baadimi ba tjhelete le ha nako ya ho kwala e se e fetile.
Baadimi ba tjhelete ba lokela ho hlokomelwa le ho thuswa nakong ya metsotso e leshome le metso e mehlano ka mora hoba ba fihle lekaleng. Ha eba baadimi ba tjhelete ba lokela ho ema nako e telele, ba tsebise hore ba tla ema nako e kae mme o be o ba kope tshwarelo.
BOLAODI BA BASEBETSI
Ho lokela hore ka letsatsi le letsatsi ho be le nako ya metsotso e leshome bakeng sa Puo ya Kwetliso ya Basebetsi (e etswa ke Molaodi wa Lekala) mme e etswa pele lekala le ka bulwa.
Molaodi wa lekala o lokela ho hlahloba ka moo motho e mong le e mong a sebetsang ka teng malebana le dintlha tsena:
Nako e nkwang ho thusa baadimi ba tjhelete malebana le ditletlebo tsa bona
Kamohelo le ho ba mosa
Tsebo ya mosebetsi
Mokoka le ho sebetsa ka nepo
Ho sebetsa ho feta tekanyetso.
DIKOPO TSA KADIMO YA TJHELETE
Tsebisa baadimi ba tjhelete ka se etsahalang malebana le kopo tsa bona ka letsatsi le letsatsi le ka veke le veke
Letsetsa baadimi ba tjhelete ho na le hore o ba ngolle mangolo.
NGOLLANO
Hlahlobisa tshebediso ya kwahollopuo le mopeleto e le hore ho se be le phoso ya letho ngollanong.
Ho se ke ha ba le mangolo a romelwang baadiming ba tjhelete a ngotswe ka letsoho.
Sebedisa dingola tse nang le dintlha tsa ho ikamahanya le lekala ka tlase. Hlahloba hore dintlha tseo tse hlahellang ka tlase di nepahetse mme di ntse di ka sebediswa.
O se ke wa sebedisa dingola tsa kgale, dipampiri tse nang le aterese ya lekala, dienfelopo, jwalojwalo.
Kgwatha dikhomphutha hore di sebedise mopeleto wa Senyesemane (sa Afrika Borwa) Dikopanong tsa Bolaodi kapa Dikopanong tsa Lebatowa.
Hlokomela hore dimemorandamo di sebedisetswa ngollano ya lehae feela.
HO BABALLWA HA BAADIMI BA TJHELETE
Latella ho fumana dintlha malebana le dikadimo tse fediswang esita le baadimi ba tjhelete ba lefang tjhelete yohle e le ho hlakola dikadimo tsa bona.
Mosebeletsi ya neng a na le boikarabelo bakeng sa kadimo (ha eba a le teng) o lokela ho ikopanya kapa hona ho letsetsa moadimi wa tjhelete e le ho fumana lebaka leo ka lona a lefang kadimo ya hae yohle mme a be a mo kgothaletse ho pheta ho adima tjhelete hape.
Ho lokela ho etswa mekutu yohle ya ho baballa baadimi ba tjhelete.
Romela lenane la dipotso tsa dipatlisiso le ngollano ya ho qetela ho baadimi ba hlakolang kapa ba lefang tjhelete ya dikadimo tsa bona yohle.
Lekala ka leng le lokela ho totobatsa matshwao a dumeletsweng ke khamphani ka hare ho lekala le ka ntle.
Ho lokela ho totobatswe dinako tsa tshebetso.
Dipapatso di lokela ho ba boemong bo lokileng. Matshwao a khomphutha esita e matshwao a ngotsweng pampiring mme a maneilwe mamating kapa maboteng ke dintho tse ke keng tsa dumellwa mme di lokela ho tloswa e le hore ho behwe ditshwantsho tse ngolehileng hantle.
Ho se ke ha sebediswa sekgomaretsi bakeng sa ho pepesa matshwao kapa ditshwantsho.
Matshwao a ka hare a lokela ho dula a hlwekile mme a le boemong bo lokileng.
Basebetsi ba pepese mabitso a bona ka nako tsohle.
Ka hara lekala ho se ke ha tsujwa, ho ja kapa ho nwa mme hona ho lokela ho tsejwa ke baadimi ba tjhelete ka nako tsohle lekaleng lena lohle.
Boloka dibaka tsohle tsa tshebetso tse pepeneneng ho bonwa ke baadimi ba tjhelete di hlwekile mme di le boemong ba seprofeshenale.
Hlokomela hle hore seriti sa lekala se dule se hlompheha mme ha eba ho hlokeha, o fetole thepa e robehileng
Mabota a lekala a lokela ho dula a hlwekile mme a kganya.
Difoluru di hlwekiswe ka tshwanelo.
Mabone a dule a sebetsa. Dibaka tsa tshebetso di dule di bonesitswe hantle ka kganya e kgotsofatsang.
Dimela di hlweke. Ho se be le dipalesa tsa maiketsetso dibakeng tseo ho sebeletswang ho tsona.
Ho be le diolamolora tse lekaneng dibakeng tseo ho sebeletswang ho tsona.
Ho se be le ditsebiso tsa basebetsi ka hara dibaka tseo ho sebeletswang ho tsona
Dibaka tsa basebetsi le tsona di hlweke ka nako tsohle.
Mosebeletsi e mong le e mong wa lekala a hlokomele tsela eo lekala le lokelang ho tadingwa ka yona mme a leke ho boloka maemo a seprofeshenale ka nako tsohle. Basebetsi bohle ba apare seaparo sa mosebetsi.
Dibukana tse lekaneng tsa tataiso di lokela ho bolokwa hantle ka makgethe dibakeng tsa tshebetso.
Ere ka ha re dumela hore tshwaro e ntle ya baadimi ba tjhelete ke ntho ya bohlokwa bakeng sa tswelopele ya Banka ya Naha, sengolwa sena se tla lokela ho sebediswa ka nako tsohle.
Basebetsi bohle ba thusang baadimi ba tjhelete ba lokela ho kwetliswa ho latela Lenaneo la Tshebetso e Ntle la bakwetlisi ba batho ba sebetsang hammoho. Baetapele ba lehae ba tshebeletso ya baadimi ba tjhelete ba tla ntshetsa pele lenaneo lena. Hona ho tla etsa hore re kgone ho fihlella sepheo sa rona sa tshebetso.
Ha eba o sa tsebe hore Moetapele wa hao wa Tshebeletso ba Baadimi ba tjhelete ke mang lekaleng la heno, ikopanye le rona.
Ikopanye ka bolokolohi le Lefapha la Thekiso le Dipapatso ha eba o na le dipotso malebana le ditaba tsena tse boletsweng ka hodimo.
Lefapha la Tshebeletso ya Baadimi ba Tjhelete
BANKA YA NAHA
Mohala: 012 - 312 - 3999
Fakese: 012 - 323 - 1410
